Maele le dikapolelo tsa kotsi

  • O dutse mokoting wa noha – O tobane le kotsi e kgolo.
  • Ho kgwatha tsa semana – Ho ikenya kotsing o ntse o shebile.
  • Nonyana kahlamela – Motho ya sa lemoheng batho ba tla mo ntsha kotsi ka lebaka la bothoto boo a nang le bona.
  • Ho ikenya tshotso dinaleng – Ho ikenya kotsing kapa tsietsing e kgolo.
  • Ho lahlwa ke mongobo – Ho kena sefing kapa kotsing o sa hlokomela.
  • O jelwe ke phiri – O kotsing ha a tsebe hore na a etseng.
  • Ho bina rashwelella – Ho ba kotsing kapa tsietsing ena ya haesale eo o bonang hantle hore lefu ke lena.
  • Ho sala potong – Ho sala o le mong kotsing, empa le ne le le bangata.
  • Ho ba ka mosing – Ho ba maemong a kotsi a sa sireletsehang ho hang.
  • Mmutla wa kotlwa tsebe o tshoha difohle – Motho ya kileng a hlahelwa ke kotsi kapa ke mathata o tshaba le ntho e sa tshoseng.
  • Kotsi e lefuwa ka lemao – Phoso e sa etswang kaboomo e se ke ya ahlolelwa haholo.
  • Tsietsi e bonwa e sa le hole – Ha o le motho ya bohlale o bone kotsi e sa le hole.
  • Taba di mosenekeng – Ho bolelwa hore ho se ho le hobe kotsi e se e atametse.
  • O kene makaqabetsing – O kene mathateng le molatong.
  • Phofu ho hola e bohlale – Motho a elellwe mathata a sa le hole.

Leave a Comment