Maele le dikapolelo ka tshwaro ya batho

  • Ha e antshe ka mokukutwana mma yona a ntse a le teng – Ho ke ke ha hlaloswa seo monga taba a ka se  hlalosang a le siyo. Dikarabo di batlwa ho motho ya di tsebang.
  • Moloi ha a mele ditshiba – Motho wa boitshwaro bo bobe ha a na matshwao a ikgethileng ao a bonahalang ka ona.
  • Ho hlatswa motho qati – Ho thabisa motho haholo, ho nyakallisa.
  • Ho inela matsoho metsing – Ho tshwarela motho, ho mo leballa melato ya hae le hahamelle pele.
  • Motho ya matsoho a maruru – Ke motho ya ke keng a bolaya e mong.
  • Ho dula motho molaleng – Ho qobella e mong ho etsa ketso ntle le boikgethelo.
  • Sepa leholo ke la molata – Batho ba batjha sebakeng se itseng ke bona ba latellwang le ka diphoso tse sa reng letho.
  • Ho ja motho direthe – Ho etsa diketso tse sa rateheng bosiyong ba motho e mong.
  • Ho tshetleha sefate – Ho thibela batho ba motse kapa ba sebaka ho kena ka motswetseng ka mora kuruetso ya ngwana.

Leave a Comment