- Ho inwesa ka nkgo – Ho ipatlela bonnete kapa yona nnete ya taba e itseng eo o utlwileng ho buuwa ka yona empa wena o sa e bona ka mahlo a hao.
- Ho opa kgomo lenaka – Ho bua nnete e nepahetseng, e utlwahalang.
- Ho otla botsekeng – Ho bua le ho hlaha ka nnete eo e leng yona, e nepahetseng.
- Nnete e tswileng matsoho – Nnete e sa tswakwang, e hlakileng.
- Nnete e a baba – Batho ha ba hlile ha ba rate nnete.