Skip to content
- Ha mmila o puta – Ho bolela ha nako e ntse e tsamaya.
- Nako e jele babedi – Nako e ile.
- Nako e lekane motinyane – Nako e fedile kapa e le nyane haholo.
- Ha tadi e antsha – Ke hara mpa ya motsheare, motsheare o moholo.
- Le tjhehile dinoko – O diehile ho fihla kapa ho phetha mosebetsi.
- Taba di phekolwa ke letsatsi – Ha le letsatsi le phirima le ka nna la hlophisa ditaba hantle.
- Ha letsatsi le tjhaba taba di a bolelwa – Tse neng di qoqwa bosiu di a tsebiswa kameso.
- Matsatsi a a loyana – Mathata a tla ka ho latellana.
- Ka nako le motsotso – Kapelenyana.
- Ka ho panya ha leihlo – Ke ha ho etswa mosebetsi ka potlako.
- Ha letsatsi le le hloohong tsa mengala – Ke ka hora ya leshome le metso e mmedi motshehare ha letsatsi le tjhesa haholo.
Related