Leloko ha le ya baneng le a timela – Ho bolelwa hore ha moloko o mong o ntse o hlaha o lahla setso le meetlo ya moo ya baholo ba kgale. A mang a mabaka a timetsang setso le meetlo bophelong ba meloko e meng ke ho bona ho sa hlokehe hore meetlo e nne e etswe bang ba re e ba hulela morao e sa natefise bophelo ba bona ho ya kamoo ba lakatsang kateng. Le leng la mabaka ke ho fumana hore baholo ba bang ba ne ba sa ntse ba sa tsebe meetlo le setso hantle ba di phopholetsa le hona ho sa kgathalle ho tseba le ho ithuta tsebo ya boholoholo. Ke ka hoo re bonang moloko wa kajeno o lahlehile o sa itsebe o sa tsebe motso wa leloko la habo ona.
Ho hlabela ba fatshe – Ke ho etsa phamadimo, teboho kapa ona mokete wa ho bua le badimo ba heno. Lebaka e le ho ba leboha, kapa ho ba kopa se itseng jwalo ka mahlohonolo kapa tsela e lokileng bophelong. Hona ho etsa leloko le tswele pele ho ba le motso o tiileng, o tsepameng.
Bitso lebe ke seromo – Lebitso le fuwang motho le bolela maemo le boemo bo itseng ba hae ekaba bo botle kapa bo bobe.
Ngwana setsoha le pelo ya maobane – Motho ya mohau, ya sa fetofetoheng mekgweng eo a tsebahalang ka yona, le ditshepisong tsa hae.
Leshala le tswala molora – Ho bolelwa ngwana ya sa tshwaneg le ntatae ke mekgwa e metle ebile e se mohale.
Kgomo ya lebese ha e itswale – Ha se hangata ngwana a ka tshwanang le batswadi ka diketso tse ntle kapa tse mpe.
Mmetlakgola o lebisa wabo – Ha ngwana e mong a phela hamonate o phedisa le ba leloko la habo feela jwalo.
Bana ba lesafo ba jela pitsaneng e le nngwe – Bana ba motho kamehla ba phedisana hamonate lelokong.
Tau tsa lehlaka le le leng di a tsebana – Batho ba dulang mmoho ba a tsebana.
Dikgala tsa molapo o le mong – Batho ba mofuta o le mong.