Maele le dikapolelo ka masene

  • Masene ha se boi – Bohlale ha se bokwala.
  • Mosha ha o fula o a qamaka – Ho bolela hore motho ha a ntse a etsa ho hong, a nne a shebe ho hong ka thoko ho ka mo tswelang molemo bophelong. Ho bolelang o se shebane le mohlodi o le mong feela haholoholo wa katleho.
  • Phokojwe ho phela e diretsenyana– Motho ya atlehang ke ya sebetsang a sa sebetse feela empa a le masene hore a kgone ho phela kamoo a lakatsang kateng.
  • Phuthi e tsoha ka meso e anyese – Jwalo ka ha o elellwa hore masene, maqiti le bohlale di batla di tsamaisana haholo, ho bolela hore motho o lokela ho phetha mesebetsi ya bohlokwa ka nako.
  • Ke kokwanyana e jang mahe a tse ding – Ke motho ya masene, ya qhekellang ba bang.
  • Sehole sa monna se loha mano – Monna ha a le mathateng o e tsa maqheka ohle hore a tswe hara ona.
  • Ho aha ka ditshiba tsa emong – Ho sebedisa masene, maano kapa maqheka a motho e mong ho phethahatsa merero ya hao.
  • Ho tjhekela motho lebitla – Ke ho rerela motho bora.
  • Ke nta selomelakobong – Ke motho ya etsang eka o rata e mong athe o lonya.
  • Ho loma motho direthe – Ho senya motho ka ho mmuwa le ho mo rerela bobe.
  • Ho tsosa dibata masene – Ho hlokomedisa ka morero wa ho qhekanyetsa.
  • O ja ka mehlahare e mmedi – Ho thwe o ka mona kajeno hosane o se a fetohile o masene.Enwa le yena ha a tshepahale.
  • Ntja setshwarisa mohlophe – Ho bolelwa motho ya sebetsang ka bolotsana a tepeleditse mmele le matsoho a hae.
  • Maloma a fodisa – Motho ya thusang empa ka masene a ntse a senya.

Leave a Comment