Ngwana-mahana a jwetswa o bonwa ka dikgapha – Motho ya sa mamelang, ya manganga o tla qetella a kene tsietsing, mathateng kapa kotsi, a hanne kgalemelo.
Ho kena ka motswetseng – Ho ba sebakeng se sa dumellwang ka mahahapa / manganga.
Moiketsi ha a llelwe – Motho ya ikarabellang mathateng a hae, ha a lokela ho utlwelwa bohloko.
Ho satalatsa molala – Ho bontsha manganga.
Ho tiisa molala – Ho ba manganga haholo.
Nolonolo e a inolofaletsa, thatathata e a ithatafaletsa – Boemo bo bonolo bo hlokang manganga bo etsa mosebetsi manolo, empa manganga a thatafaletsa monga ona mosebetsi.
Manganga a ja monga ona – Motho ya ngangellang leha a eletswa a hana ha a hloleha o hlokomela hore manganga a hae a mo dihetse kotsing.
Ngwanamahana-a-jwetswa o bonwa ka dikgapa – Motho ya sa mameleng, ya manganga o tla qetella a kene tsietsing, mathateng kapa kotsing a hanne kgalemelo.