Maele le dikapolelo ka maima

  • Ho emela pula e marothodi a maholo – Ho emela maima kapa tsietsi e kgolo.
  • Bo naka di maripa – Bophelo bo na le maima / mathata a mangata, a sa feleng.
  • Ho ikenya tshotso dinaleng – Ho ikenya maimeng / tsietsing.
  • Ho tshwara mmamphele ka sekotlo – Ho ba ka hara maima / tsietsi.
  • Phalafala di fapane – Ditaba di mpe, tsietsi le maima di se di fihlile.
  • Ho kgwatha dinotsi tsa semana – Ho ikenya ka hara maima / tsietsi/ kotsi.
  • Ho kgaoha moo ho kgwehlang – Ho bolela hore ho tlaba thata, ho be boima haholo, mme ho na le ho tla senyeha.
  • Phale o bolaile Phalane a ba a raka a aba letlalo – Ke ho tlameletsa motho e mong ka molato oo eseng wa hae.
  • Tshwana neta – Ke ha motho a etseletsa e mong ka maima a hae.

Leave a Comment