Skip to content
- Ke teme-ntlha-di-pedi – Ke motho ya leshano, ya qabanyang batho ba bang.
- Leshano molomong, ke lehako leotong – Leshano ha le thuse, le bile ha le na mokoka.
- Ho betla dikei – Ke ho bua leshano le nkgang.
- O leleme – Ho bolela leshano, le ho se tshepahale.
- Ho hloka ditswahanong – Ke motho ya leshano, ya bohata.
- Leshano ha le na mokoka – Leshano le batla o nne o tswele pele ho qapa leshano le leng ho tshireletsa la pele kapa motso wa lona.
- Ke lempetje – Ke motho ya leshano ya sa tshepahaleng.
- Lemao le ntlhapedi – Ke motho ya hlokang nnete.
- Leshano molomong ke lehako leotong – Leshano ha le thuse le bile ha le na mokoka.
- Leshano ha le ruise – Leshano ha le etse hore o phele hantle o ruile.
Related