Lehlohonolo ha se lebelo – Lehlohonolo ke ntho e itlelang feela e sa lebellwa.
Lehlohonolo ha le tlollwe mafura – Ho ba lehlohonolo ha ho tlamehe hore o be o sebedise moriana kapa ntho e nngwe e itseng le itlela feela ka bolona.
Lehlohonolo ha le na motloha pele – Hore o fumane lehlohonolo ha ho bolele hore o lokela ho di hula ka pele, kapa hona ho etsa dintho pele ho ba bang.
Lehlohonolo la moteaphala – Ha ntho e etsahala ha bonolo, ntle le bothata ba letho.
Ho tswa ka lesoba la nale – Ho phunyeletsa kapa ho phomella nthong e itseng. Ho ba lehlohonolo moo o leng teng.
Lehlohonolo ha le na motlohapele – Hore o fumane lehlohonolo ha ho bolele hore ho di hula ka pele kapa hona ho etsa dintho pele ho ba bang o tla ba lehlohonolo.
Ya lehlohonolo eo motho o atleha moo ba bang ba hlotsweng – Motho ya lehlohonolo ho feta ba bang ba lekileng ho ba lehlohonolo.