Kgomo boela haenoo hodile – Ho tlwalehile hore motho ha a se a le moholo a tsofetse ditshiu di se di hlile di ile ebe o kgutlela habo. Hahabo moo ke lehaeng leo a tswaletsweng ho lona. Menate ya lefatshe e se e fedile motho a se a batla a atametse lebitla. Le hoja boholo ba kgutla ba se ba se na lethoba bang ba ye ba kgutle ba na le lethonyana.
Maya ke maboya – Lefatshe ha se bonolo le ka o phuthang jwalo ka baheno. Baheno ba a kgona ho mamella le hona ho o rata le ha o se o hloka, o itlhophere. Baheno ba fumaneha heno, lapeng. O tla ya, mohlang di o qakileng o kgutlele hae.
E thala e boela mosehlelong – Namane e atisa ho qhoma, e ntse e ya kwana le kwana e ntse e kgutlela ho mmayona kapa hona lesakeng. Motho o bapiswa le yona namane, le ha a ka ya kwana le kwana o ye a nne a kgutlele hae le ha e le ka mora nako. Lapeng ke lapeng.
Metse e metle diotlwana – Malapa a ka bonahala a phela hantle, ha monate ha o a shebile o le thoko kapa o le kantle empa o fumane hore hantlentle ba phela ha bohloko, ka dikgoka. Kapa o hle o fumane hore hantlentle ha ba utlwane ho hang, lerato ha le yo pakeng tsa bona. Ho etsa mohlala, o fumane hore mme le ntate ba bonahala ba ratana haholo mahlong a setjhaba, ba tsamaya ba tshwarane ka matsoho, ba hakane kapa hona ho bitsana ha monate empa o fumane hore hantlentle lapeng e mong le e mong o ithoballa kamoreng ya hae, kapa o fumane hore e mong le e mong o a itlhatswetsa kapa hona ho iphehela.
Mmetla-kgotla o lebisa wabo – Taba ena e bolela hore ho atiswa ho thusana pele ka lapeng kapa hona lelokong, pele ho ka thuswa baditjhaba.
Lelapa leno le tla tlala mamina – Ho tshoswa ka ho iphethetsa.
Ha lelapa le omme – Sebekeng seo ho se nang dijo ho sona.
Ho lwana badulammoho – Monna le mosadi ba dulang mmoho lapeng ba atisa ho lwantshana.