Maele le dikapolelo ka lefu

  • Ho ya batho boyabatho – Mantswe ao a bolela hore ho hlokahala batho, le hona ho tiisa hore ke moo batho bohle re tla fellang teng. Ha ho potang, ke moo re fellang kaofela.
  • Lefu ha le jwetswe – Polelo ena e bolela hore lefu ha le kgumamelwe ha le thijwe mme ha le kopuwe. Ha e se e le nako e se e le nako e kgethilweng ke Mmopi.
  • Ha ho a hlaha se sa hlaheng – Polelo ena e atiswa ho buuwa ke batho ba tshedisang ba hlahetsweng ke lefu. E bolela hore lefu le hlahela mang kapa mang. Ebile ha ho ya kgonang ho le baleha kapa hona ho le qoba. Ke ka hoo ba bang ba atisang hore lefu ke ngwetsi ya malapa ohle.
  • Lefu le qoleng ya kobo – Lefu ke ketsahalo e iketsahallang neng kapa neng e sa lebellwa ho hang ke mang kapa mang. Ke ka hoo le atisang ho harola batho matswalo le ho ba hlokofatsa moyeng le dipelong.
  • Tlalo la motho ha le thakgiswe fatshe – Ho bolela hore ho lokela ho ba le ya jariswang molato wa ho hlokahala ha e mong le hoja ho tsebisahala hore lefu ke thato ya Modimo. Ho atisa ho ba le ya qoswang. Mohlomong hoo ho kokobetsa bohloko ho ba lahlehetsweng.
  • Ho wa ka phatla / sefahleho – Ke ho hlahelwa ke lefu.
  • Moputso wa sebe ke lefu – Tlolo ya molao e baka timelo kapa ho shwa.
  • Lefu ha le na Morena ha le mo tsebe – Lefu le itlela ho batho bohle le sa kgethe le Morena.
  • Lefu ha se ntho e ntjha – Lefu ha le tlwaelwe empa le dula le le teng.
  • Lefu la kgomo ha le bolaye motho – Ho ka nna ha jowa nama ya dintho tse shweleng empa ho elwe hloko hore di shwele jwang.
  • Lefu le mehlahlwemengata – Lefu le tla ka mekgwa e fapaneng.

Leave a Comment