Ha ho tse fumanwang di tonisitse – Dintho tsa bohlokwa di a sebeletswa
Mamello e tswala katleho – Motho ha a sebetsa ka thata a mamelletse maima le mathata ao a kopanang le yona tseleng ya seo a se batlang o tla qetella a atlehile.
Kgomo ha di na motlohapele– Motho ya diehileng ho iphedisa ha nako e ntse e eya le yena a ka atleha kamorao.
Lesisitheho le ja kgomo – Ho se potlakele dintho ho tlisa katleho.
Phokojwe ho hola e itebelang – Ho hlokeha hore motho a be sedi a kgone ho atleha / phela.
Phokojwe ho phela e diretsana – Motho ya atlehang ke ya sebetsang.
Ho ba molala – Ho atleha haholo mmeleng, ho nona.
Senkganang se nthola morwalo – Seo ke hlokang katleho ho sona se fokotsa boima boo ke nang le bona.
Motho ke motho ka batho – Motho o kgona ho atleha le ho phela hantle ha a phedisana le batho ba bang.
Ho atlehelwa – Ho ba le leruo, ho ba sekgorane.
Ho hlaba kgobe ka lemao – Ho phela hamonate o atlehile.