Maele le dikapolelo ka ho tsofala

  • Ho tsofala le ratang – Boholo ba metsofe ba hana ka bona, ba leka ka matla ho etsa dintho tse seng di fetile dilemo tsa bona.
  • E bohola e bothile – Motho ya tsofetseng ha a sa kgona ho etsa dintho tse ngata, e se eba ho bua le pelo ho labalabela dintho le hona ho etsa boholo ba dintho tse itseng.
  • Lebelo le a fela thota e sale – Motho o a tsofala, a fellwe ke matla, empa tsela le menate ya lefatshe di dula di le teng.
  • Di a bela, di a hlweba madiba ho psha a mabapi – Motho o a tsofala o tsofala jwalo a ne a le motle a le matla abile a ne a le mafolofolo mme tseo tsohle di fetohe. Motho a fetohe.
  • Botsofadi bo ja molala wa poho – Bophelo ba botsofadi ha bo monate.
  • Tau ya kgale – Monnamoholo.

Leave a Comment