Maele le dikapolelo ka ho ba sebete le ho ba lekwala

  • Ho tjhetjha ha ramo ha se ho baleha – Ho tjhetjhela morao ha motho ha se ho baleha, empa ke ho nka matla.
  • Ho beta pelo – Ho ikgothatsa ka mora maima le mathata, o be le sebete sa ho tswela pele ka bophelo.
  • Masene ha se boi – Bohlale ha se bokwala.
  • Ho jwetswa sefahlamahlo – Ho jwetsa motho ditaba tsa hae ka ho mo toba o sa tshabe letho.
  • Ngwana moshanyana ke kabelwamanong – Motho e motona o lokelwa ke ho fuwa mathata ohle ho sa kgathaletsehe hobane o atisa ho ba sebete ka nako tsohle le ho ba matla.
  • Habo lekwala ha ho llwe – Ho ba le mekgwa ya ho qoba le ho phema kotsi ntle le ho lwana kapa ho hlaselwa.
  • Ha e lale makwala re none – Ho be le kgotso le kgutso, dikgohlano di fokotsehe kapa di hle di fele.
  • Monna o tla phela ka mofufutso wa phatla ya hae – Monna o tla sebetsa ka thata ho fihlela a fumana seo a se hlokang kapa seo a se labalabelang.
  • Ho ba sebete – Ho hloka tshabo, ho hloka letswalo ka botlalo.
  • Ho se tsebe ke lebote – Tlhokeho ya tsebo e ka ntsha lewatla kotsi.
  • Letswalo ha le dule le motho – Motho ya nang le letswalo ya boi o dula a baleha.

Leave a Comment