Maele le dikapolelo ka dipuisano

  • Ho anya motho leleme – Ho leka ho fumana ditaba ho motho, o sa bontshe kapa o sa hlokomedise.
  • Ho ala leleme – Ho bua feela o sa hlokomele le ho natsa letho.
  • Ho kena motho hanong – Ke ho bua nakong eo motho e mong a ntseng a bua.
  • Ho ba ka hanong – Ke ho bua haholo, ho qamota haholo kapa ho shwashwatha.
  • Mang o senya motse – Ha se bohlale ho bua ka mabitso a batho, haholo jwang ha ba le siyo.
  • Leleme ha le na malokeletso – Ke ha motho a buwa feela a sa ithibe, a be a qetelle a kene tsietsing.
  • Molomo mosehlanyana ha o mamelwe – Ditaba tsa motho ya tellehang di atiswa hore di seka tsotellwa.
  • Ho ja masapo a hlooho – Ke moo motho a atisang ho bua a le mong, a buisana le maikutlo a hae, boinotshing.
  • Ho diela dikgala – Ho qetella taba, ka ho akaretsa se bolelwang, ka ho hlalosa ka ho phethela puo.
  • Ho ja lekomo – Ho tshohla taba e itseng, ho bilwe ho bontshanwa mabaka.
  • Ho ntshana seinong – Ho qoqa, ho bolellanwa diphiri le makukuno a pelo.
  • Ntwa ya mosadi e ka hanong – O ke ke wa hlola mosadi ka ho bua, haholoholo, ho bua fofotho.
  • Ho tswa ka taba – Ho bua ntho ekang e ne e patilwe.
  • Ho kopanya ho bua le ho tshela – Ke ho bua ditaba o sa di lotomanye ka moo di leng ka teng, le ho di hlahlamanya ka moo di leng ka teng.
  • Ho tswa lekoteng – Ho bua ka ntho eo ho sa buuweng ka yona.
  • Ho kena ditaba ka sehlotho – Ho fihla o kena hare ditaba tseo o sa tsebeng hore di qadile kae, o di kena o sa kgethe mantswe.
  • Ho phunya seso se tswe boladu – Ho bua taba ntle le ho tsilatsila.
  • Kgomo ha e nye bolekwe kaofela – Motho ha a lokela ho bua ditaba tsa hae le makunutu kaofela.
  • Ho nya matsete – Ho bua pinyane, ho ntsha makunutu.
  • Ho bebenya melomo – Ho thothometsa dipounama / molomo ha o bua.

Leave a Comment