Maele le dikapolelo ka dintho tse ke keng tsa etsahala ha bonolo

  • Ho tshepa ntshepedi ya ntshepe – Ho tshepa ntho e diehang ho etsahala kapa e ke keng ya etsahala ho hang.
  • Molli ha a tjhijwe mahlo – Motho ha a itela hore o utlwiswa bohloko ke se itseng mme ha ho na le moo a tswang le teng a se tlalapuwe ka ho kwalwa molomo, empa a thuswe.
  • Ho suwa lerapo la puleng – Ho etsa ketso e sa thuseng ka letho, e sa feleng le ho fela, mme e ke keng ya tsahala ha bonolo.
  • Ho itshetleha ka seolo se se nang bohlwa – Ho itshepisa lefeela ntho e ke keng ya etsahala habonolo.

Leave a Comment