Skip to content
- Ho ingwaya e lekgwekgwe – Motho ya nang le molato o a iponahatsa.
- Se kgata se le bolepo – Sesinyi se tla tshwarwa leha e se e le kgale kapa se lebetse.
- Letsoho la mmuso le le lelele – Senokwane se tla tshwarwa qetellong ho sa kgathaletsehe hore ke nako e kae.
- Ho apolela mohatla nku mashodu – Ho etsa ntho e tla nolofaletsa dinokwane/mashodu ho utswa ha bobebe, o sa hlokomele.
- Kgomo e tshwarwa ka dinaka, motho o tshwarwa ka dipuo – Motho o itshwarisa ka dipuo tsa hae.
- Leshodu ke ntja, le lefa ka hlooho ya lona – Leshodu ha le hloke ho hauhelwa.
- Ho ba letsoho – Ho ba leshodu.
- Ho ja qhoqha – Ho ja ntho e utswitsweng.
- Ho ya tetete – Ho nna o tetebela ho ya pele ka hara melato.
- Ho nkga lefotha – Ho belaellwa ka ho ba le seabo ketsahalong e itseng, haholoholo nthong e seng molaong.
- Letswalo le molato le a ikahlola – Motho ya molato o a iponahatsa ka diketso.
- Ho ipona mafolomabe – Ho ipona molato kapa hona ho itshwaya phoso.
- Leshodu ke le tshwerweng – Ho bolela hore motho ya tshwerweng a utswa ke yena leshodu, empa ya sa tshwarwang ha se lona.
- Motswalle wa leshodu ke leshodu – Motho ya tlwaetseng e mong ba senya mmoho ba a tshwana.
- Naha e jele boya – Botlokotsebe le bonokwane bo atile hohle naheng kapa bo a eketseha.
Related