Skip to content
- Ho kolla ntsi hanong – Ho sotleha haholo, hoo ho nkwa e le madimabe bophelong.
- Ho ja masepa a thaka tsa hao – Ho sebelletsa dithaka tsa hao kapa batho ba lekanang le wena, kapa ba banyane ho wena.
- Motshehafuma o a ipiletsa – Ha o tsheha motho ya sotlehileng kapa ya hlahetsweng ke kotsi, o ipakela bomadimabe.
- Motsheha mosehla o a ipiletsa – Ha o tsheha mofutsana ka nako e nngwe Modimo a ka mo nyolla a rua wa futsaneha.
- Kgutsana ho phela e marapo a thata – Ha ho hlahile bomadimabe bo itseng kapa tsietsi, e le hore ho a kgothatswa ho atiswa ho bua mantswe ana.
- Ho robala o itsosa – Ho robala ka tlala. Ho hloka dijo. Ho sotleha.
- Pula ke mahlopha a senya – Leha pula e tlisa kgora empa e na le ho tlisa madimabe.
- Di a bela, di a hlweba – Ke ha motho ya neng aphela hantle jwale o se a sotlehile.
Related