Maele le dikapolelo ka bokgopo

  • Ho tjheha phiri ka motho – Ho beha motho moo a ka nnang a hlahelwa ke tsietsi kapa kotsi.
  • Tshepe ya seisanone – Molahlehisi kapa mothetsi e leng motho ya kgopo.
  • Ho ferolwadibete – Ho tenwa, ho etsetswa bokgopo, ho hlokofatswa moyeng le maikutlong.
  • Meno masweu maloma a fodisa – Motho ya o tshehisang empa a le kgopo a sa bontshe, a o kwetletse lerumo ka kobong.
  • Lehlabaphio o ila mojalefa – Motho ya nang le mona o honohela ba bang, ba nang le tsa bona.
  • Ho ba pelo e telele – Ho ba meharo, ho kenyeleditse le bokgopo ka hare.
  • Pelo e kgutshwane – Ho befelwa kapele le ho ba kgopo.
  • Tau e tshwara ka dinala – Ke pontsho ya bokgopo ba motho.

Leave a Comment