Maele le dikapolelo ka bokgopi (sekgopi) le ditshosetso

  • Noko di tshabana bophatswa – Batho ba sa nyatsaneng sefahlamahlo, ba buanang hampe ka thoko.
  • Kgala e bidiela ntsele – Bahlabani ba lwana ka matla le ho tshosa dira  ho sireletsa morena wa bona kapa tseo e leng tsa habo bona.
  • Le pele di na le baji – Moo o yang teng o tla fumana ba bohlale le ba tsebang dintho ho o feta, kapa ba tla o qhekanyetsa pele.
  • Ho busa pelo – Ho kgutlisa thabo ka mora ho kgena ho hoholo.
  • Ho fahla mmuso ka lehlabathe – Ho kgopisa, ho hlokofatsa, ho utlwisa bohloko bo boholo, ho kgentsha le ho hlabehisa.
  • Ho beana dikgopi – ho tlisetsa batho ba bang mathata ka ho latellana.
  • O tshaba moru o se na nkwe – O tshaba le ntho e sa tshabeheng.

Leave a Comment