Maele le dikapolelo ka boikgohomoso

  • Ho hata kwekwe – Ho tsamaya butle, o ikonkile, e hlile ekare o ikgohomositse.
  • Thamahane ha di robale mmoho – Batho ba batlang ntho e le nngwe ha ba thusane.
  • Ngwana phakwe se ipolele, motho o motle ha a bolelwa ke ba bang – Ha ho molemo ho ipapatsa ka dintle tsa hao, le hona ho ithoholetsa. Ho molemo ho babatswa ke batho ba bang.
  • Ho fefena nko – Ho swenya ka lebaka la boikgohomoso.
  • Ho famola dinko – Ho bulela masoba a nko haholo ho bontsha ho qhosha, boikgantsho le boikgohomoso.
  • Ho ikakasa – Ho ikgohomosa, o ipehile hodimo.
  • Ho ipona – Ho nka e le wena feela motho, o ikgohomodisitse.
  • Moikalatisi – Ho ipoledisa le ho bolela ka makgabane a hao ka boikgohomoso.

Leave a Comment