Maele le dikapolelo ka boikemelo

  • Moketa ho tsoswa o itekang – Ho thuswa motho ya lekang ka matla bophelong ba hae.
  • Pitsa ho fahwa e belang – Katleho e atiswa ho fumanwa ke ya phethisang tse hlokwang pele.
  • Mphemphe e a lapisa, motho o kgonwa ke sa hae – Ha o dula o kopakopa o ke ke wa ikemela wa kgona ho ba le seo e leng sa hao.
  • Phokojwe e ne e hloke mohatla ke ho romeletsa – Ha o ntse o roma ba bang, o sa iketsetse, o sa ikemele, o tla fetwa ke ntho eo o e hlokang.
  • Monna ha a bone habedi – Se kileng sa etsahala ho motho se sebe se ke ke sa etsahala hape ka lebaka la ho ithuta bohloko ho sona.
  • Sejamonna ha se mo qete – Motho ya senyetsang kapa ya qhekellang e mong a ke ke a mo futsanehisa.

Leave a Comment