Ditoro ka dikwaketsano di ka bonahatsa maikutlo a patehileng le tsa dikamano bophelong ba hao.
Diqwaketsano tsa lelapa
Ha o lora o qwaketsana le mme wa hao, ho ka bolela hore o tlo tobana le mathata lelapeng. Ho qwaketsana le ntate wa hao ho ka bolela ha o hloka tlhompho ho batho ba baholo, mme ha o qwaketsana le baholwane le dikgaitsedi tsa hao, ho ka bolela hore ba o tenne. .
Lenyalo le tsa marato
Ha o le mosadi ya nyetsweng, mme o lora o qwaketsana le monna wa hao, ho ka bolela tlhokeho ya thabo le kgotso lenyalong. Ho lora o qwaketsana le moratuwa wa hao kapa monna wa hao, ho ka bolela ha hona le dikgohlano tsa kgale tse sa rarollehang, tse sa o dulang hantle moyeng.
Qwaketsano le ba bang
Ho lora o qwaketsana le ba bang ho ka bolela hore o pata ka moo o ikutlwang ka teng le motho ya itseng kapa ho o tsebe hore o hlahise jwang mme taba eo e a o tshwenya moyeng. Ha o lora o qwaketsana le motswalle wa hao ho ka bolela hore ho na le motho ya tlo o utlwisa bohloko, mme o tla batla ho iphethetsa. Ha o qwaketsano le moahisane, ho ka bolela hore ho na le batho ba o rerang hampe.
Ha o le monna o qwaketsana le mosadi ho ka bolela hore ha o na hlompheha, mme o tla lahlehelwa ke seriti le matla a hao ho batho ba pela hao.
Ha o lora o qwaketsana le motho eo o sa mo tsebeng, ekaba tlhokomediso ya hore o hlokomela mekgwa ya hao le ka moo o buang le batho, hobane ba ka o lematsa.