Ditoro tse kenyeletsang nama e kgubedu di atisa ho ba le ditlhokomediso ka bophelo bo botle, dikamano, kgonahalo ya dikotsi, le ha ka le leng e le ditlamorao tse ntle.
Nama e tala le e sa phehwang
Ho lora nama e kgubedu e sa phehwang ho ka bontsha ho tshwarwa ke sefuba lelapeng kapa lelokong, e leng ntho eo e leng lefu. Hona ho lokela hore e be tlhokomelo. Ka nako tse ding ho lora nama e kgubedu e tala ho ka bolela phehlello ditorong, le hore o lokela ho mamella.
Ha o lora nama e tala, ho ka bolela hore eo o hlodisanang le yena a ka leka ho o loya. Ebang le sa tswa nyalana, ho ka bolela hore badimo ba moo ha ba a o amohela lelapeng le letjha.
Ho lora nama e tala ya kgomo ho ka bolela hore o na le bakgotsi bao e seng bannete, o lokela hore o seka tshepa mang le mang, mme o hlokomele hore o qoqela bomang ka merero ya hao. Ka nako tse ding ho ka bolela hore o lebelle nako e monate moo o tla fumana tjhelete.