Ho lora ka meno ho ka ba le meelelo e fapaneng.
Ho lahlehelwa ke meno
Ha o lora o tswa meno ho ka bolela hore o tla lahlehelwa ke ntho e bohlokwa ho wena, e ka ba mosebetsi kapa motho e mong ya leloko kapa ya bohlokwa ho wena. O ka fumana e le meno a mabedi a ka pele kapa meno kaofela. Ebang o lora e le meno a ka morao kapa mehlare e tswang o ka lahlehelwa ke ntho eo o nang le tshepo ho yona.
Ha o lora o ntse o sebetsa leino la hao le be le kgenoha ho ka bolela hore ntho eo e bohlokwa ho wena eo o sebetsang ka yona ho thata ho e phethela hobane ha o kope thuso le hona ho bua ka yona. Ho ka bolela hore ha o kgone ho kopa thuso ho batho ha o tobane le mathata.
Leino le kgwehlang
Ha o lora leino la hao le kgwehla ho ka bolela hore o ile ya tshwara seo o neng o lokela ho bua ka sona. Ha o lora leino le kgwehla ho ka boela ha bolela hore o hlokomele dintho tse sa tsamayeng hantle bophelong ba hao. Ho lora o ntsha leino la hao ho ka bolela hore o tlo nka qeto ya ho emisa dikmano tsa lerato tse neng di se monate kapa o tla tlosa motho ya itseng bophelong ba hao, empa ha ho tloba monate karohanong eo. Ho ka boela ha bolela hore ke nako ya ho tlohella ho hong ho seng ho sa ho tswele molemo bophelong, ho etsang bophelo ba hao bo be thata.
Ebang o lora o ntsha leino la hao empa ho le bohloko haholo, ho ka bolela hore ho tlaba le phetoho e kgolo bophelong ba hao e sa tloba monate kapa bonolo empa ka mora nako dintho di tla kgutlela madulong.
Leino le tjhwatlehang
Ha o lora leino la hao le tjhwatleha ho ka bolela hore o motho ya atisang sokola ho bua dintho ka tshwanelo. Ha le tjhwatlehile hanyane ho ka bolela hore ha o hlophise puo ya hao hantle ha o bua, mme o qetella o bua dintho tse sa hlokahaleng.
Meno a tswang
- Ha o lora menong a kgenohang ka bonngwe ho ka bolela hore o motho ya atisang ho bua ntho o be o itshola ka morao hore o ka be o sa bua jwalo. Ho ka bolela hore o motho ya sebang, ya bua dintho a sa nahane ho hnag.
- Ho lora o kgenoha leino kapa meno a mabedi ho ka bolela hore o ikutlwa o lahlehetswe ke seriti ka mora ho bua dintho tse itseng.
- Ho lora o kgenoha meno a manyane ho ka bolela hore o motho ya ratang ho bua, ya sa kgoneng ho tshwara diphiri.
- Ha o lora o kgenoha meno ka nako e le nngwe kaofela ho bolela hore o rata ho bua dintho tse hlabang ba bang, o sa nahane, o bua haholo.
Meno a holang
Ha o lora meno a hao a hola a qadikane ho ka bolela hore o motho ya buang a sa kgathalle, mme ho ka bolela hore o leshano mokgwa wa hao.
Meno a bodileng
Ebang o lora meno a hao a bola ho ka bolela hore o motho ya tshwarang makukuno ka dintho tse builweng ka wena kapa tseo o ileng wa ngangisana ka tsona kgale, ebile ha o sa buisa batho bao. Ho ka bolela hore dintho tseo o ileng wa di bua ha di robatse, letswalo la hao le a o ja. O ikutlwa o le phoso.