Ditoro ka matokomane

Ho lora matokomane e atisa ho ba letshwao le letle la hore o tla phela ha monate, o phetse hantle, le hore o lehlohonolo, mme o tla atleha ditorong le mererong ya hao.

Ho ja matokomane

Ha o lora o ja matokomane e ka ba letshwao la hore o phetse hantle ebile o atlehile ha a latsweha ha monate, mme yaba letshwao la masisapelo le ho kula ha a baba kapa a thotse fela. Ha e le mosadi ya jang matokomane ho ka bolela hore o hlohonolofaditswe ka lenyalo le monate le bokamoso bo tjhabileng.

Ho lora matokomane a thotseng fela kapa a bodileng ho ka bolela hore batho ba haufinyana le wena ba tla o fetohela. Ha o lora o utlwa tatso ya matokomane a bodileng ho bolela hore o tlohele ho tshepa bao bao o sa ba tsebeng hantle.

Ha o le mosadi ya seng dikamanong tsa marato, o sa nyalwa, o lora matokamane ho ka bolela hore o lebelle ditaba tse monate le diphetoho tse ntle kapa o tlaba le dikamano tse ntjha moo o tla tshwarwa hantle.

Ho fumana matokomane

Ke botle ha o lora motho e mong a o fa matokomane, mme a na le morero e metle ka wena, a o kgathalla, a o rata. Empa ha o fuwa matokomane ke motho eo o sa mo tsebeng ho ka bolela hore o tla ratwa le motho ya boi ho o jwetsa empa haufinyana o tla hlahella.

Kotulo ya matokomane

Ha o lora o kotula matokomane ke letshwao le letle le bolelang hore o tla bona ditholwana tse ntle ka mora hore o sebetse ka thata le ho mamella. Ha o lora o tjheka matokomane a tjheketsweng mme o a ebola, ho ka bolela hore o tla qeta nako e ngata le matla hore o atleha o be o fumana katleho qetellong.

Dotoro ka ho bona matokomane ho ka bolela menyetla e metjha ya mosebetsi. Ho lora sefate sa matokomane ho ka bolela kopano lelapeng le lerato, empa sefate se ommeng sa matokomane se ka bolela ho se utlwane le karohano ya lelapa.

Leave a Reply