Ditoro ka mahe a dinotshi

Ha o lora mahe a dintshi, ho ka bolela hore o hlohonolofaditswe ka mahlohonolo le katleho.

Mahe a dinotshi a atisa ho bolela mahlohonolo le ditlamorao tse ntle:

  • Ha o lora o sidilwa ka mahe a dinotshi ho ka bolela letshwao le letle la hore o tla fumana tshehetso, mme menyetla e metle e tla o atela. Ka nako tse ding ho bolela botle dikamanong tsa lerato.
  • Ha o lora mahe a mangata a dinotshi ho bolela hore o lebelle mahlohonolo a mangata le borui bophelong ba hao.
  • Ha o lora o ja mahe a dinotshi, mme a o natefetse ho ka bolela tlhohonolofatso ya bohlale, le hore o tla kgona ho iketsetsa bophelo bo monate, bo o natefelang.
  • Ho lora o ja mahe a dinotshi ho ka bolela hore o tla thaba o kgotsofale le dinakong tse thata ka lebaka la Modimo.

Leave a Comment