Ho lora lero la botona ho ka bolela hore ho na le ba o loyang hore batho ba se o rate, ba o nyonye. Ha o lora lero la botona ho ka bolela hore o lokela ho nka qeto, kapa ho ba sebete sa ho nka qeto e boima.
Ho lora lero la botona le le sefahlehong sa hao kapa o le bona sefahlehong sa motho e mong ho ka bolela ho phoqahala ka lebaka la diketso tse mpe. Ho lora o kwenya lero la botona, ho ka bolela o na le sejeso se holang ka mopeng ya hao, mme se hola e ba phoofolo e etsang batho ba o hloye. Ho lora lero la botona le qhalehileng ho ka bolela hore o tla lahlehelwa ke peo kapa hona ho ba le meya e ditshila. Ho lora lero la botona le tswa botoneng ba hao ho ka bolelang hore lero la botona le lengata ho wena, mme o fumane ka nako e nngwe le qhalehela dikobong.