Ditoro ka ho kwallwa / kwetelwa

Ha o lora o kwetsetswe, o kwalletswe, ho ka bolela o na le dikoloto tse mpe tse ka o kenyang mathateng. Ho ka bolela hore ha o kgone ho laola bophelo ba hao, mme o lahlehetswe ke tshepo, dintho di ka hodima matla a hao. Empa ha o ka baleha ditlamong tseo, ho bolela hore o sebete le hore o sebetsa ka thata, ho bolelang o tla hlola mathata ao.

Ha ho kwalletswe ba bang

Ho lora ba kwetetsweng ba kwalletsweng ho ka bolela ditemoso tse mmalwa:

  • Hlokomela batho ba o le haufi le bona, ba bang ba bona ke dira tsa hao tse rerang ho o utlwisa bohloko
  • Batho ba a o qhekanyetsa ba batla ho o diya
  • O itshireletse, mme o se jwetse batho ba bang merero ya hao pele e atleha

Boloi

Ho lora o kwalletswe ho ka bolela hore o hlokomele ho na le motho ya lekang ho o loya kapa ho romella meya e ditshila ho wena. O hloka hore o ye ngakeng ya setso e ilo o thusa hore o sireletsehe kapa o sebedise letswai le kgorofo ho itlhwatswa le ho futha.

Bana

Ho lora ngwana wa hao a kwetetswe a kwalletswe ho ka bolela hore o tshwerwe ke badimo. Ebang a lwanelwa ke badimo, ho ka bolelat:

  • Ho ka bolela hore ngwana o tsebisitswe badimo ba bo ntatae empa ha ho a latelwa metjha e nepaetseng ka lehlakoreng la bo mme wa hae
  • Ngwana o holela lelapeng la ntatate empa ka tlasa mabaka a itseng ha a phethisetswa metjha ya bomalome hantle

Leave a Comment