Ditoro ka ho beola

Ha o lora o beola ho bolela hore o lokela ho ba sedi ha o le hara metswalle wa hao, hobane ho ka etsahala ba o bapale dikwaelana, haholoholo ka motho eo o mo ratang. Ha o lora o beola karalo e itseng ya mmele ho ka bolela hore ho na le bothata kapa hona ho kula karolong eo.

Letlalo

Ebang o lora ka letlalo la hao, ho ka bolela dintho tse ntle kapa tse mpe kapa tse ntle, ho ya ka hore ho etsahalang ho lona. Ebang o lora dipeisi letlalong la hao, ho ka bolela dintho tse ntle bakeng sa dikamano tsa hao tsa lerato. O ka kopana le lrato le letjha kapa wa tswela pele ntle le mathata le moratuwa wa hao. Ha o lora letlalo la hao le sehwa, ho ka bolela hore motswalle wa hao o tlo fetoha sera sa hao.

Leave a Comment