Ditoro tse kenyeleditseng hlama di ka bolela dintho tse fapaneng ho ya ka hore o na le mang le etsang.
Ho duba hlama
Ho lora o duba hlama ho itshetlehile tabeng ya hore o e duba le mang kapa ke mang a e dubang:
- Ha o lora motho ya kulang a duba hlama ho bolela a ka fola haufinyana.
- Ha o lora monna ya nyetse a duba hlama ho ka bolela hore o sebetsa ka thata ho hlokomela lelapa la hae.
- Ho lora moithuti a duba hlama ho ka bolela maikemisetso a hae dithutong le katlehong ya haeo.
- Toro moo motho ya se lenyalong a duba hlama ho ka bolela hore o sebetsa ka matla ho lokisa bophelo ba hae.
- Ha o le ngwetsi e ntjha o lora o duba hlama, ho ka bolela hore baholo ba moo ba o amohetse.
Hlama e kokomolohang le e sa kokomoloheng
Ho lora hlama e kokomolohang ho ka bolela bophelo bo botle le ho rua haholo, o dula ha monate o na le tsohle. Ha o le mosadi ho ka bolela hore o imme kapa motho eo o mo tsebang o imme. Ho lora hlama ya hao e sa kokomolohe ho ka bolela hore dintho ha di o tsamaele hantle kapa o kgola hanyane.
Ho ja hlama
Ha o lora o ja hlama e tala ho ka bolela hore ha o na mamello ha ho tluwa ho nkeng diqeto, mme o tsamaya o itshola. Ha o ja hlama e nang le tswekere ho ka bolela hore ntho e ntle e a o tlela.