Ha o lora o lwana le dira tsa hao, e be o a hlola, ho bolela hore o tlaba lehlohonolo. Ebang o tshohile kapa ba o hlola, ho bolela hore o tlaba le madimabe haufinyana.
Toro moo sera sa hao se o fang dijo:
- Ho ka bolela hore o batla le tshwarelane kapa o tla o hauhela
- Ho ka bolela hore o batla ho o tjheha hape, a o qhekanyetse, a be a o utlwisa bohloko hape
- Ebang o ja dijo tseo ho ka bolela hore o jeswa tjhefu
Toro moo sera sa hao se kulang:
- Ho na ke letshwao le lebe, o ka kula wa tshwarwa ke sefuba, wa kgohlela, kapa o tla fumana diteko tse boima bophelong ha nako e ntse e ya
- Ho ka bolela hore ha a sa tlaba le matla a ho o lwantsha kapa ho o sotla
Toro moo o hlolang sera sa hao ntweng:
- Ekaba letshwao le letle moo Modimo a o fang matla le sebete, mme o tla hlola maqheka a sera a hore se o hlole
- Ka nako tse ding ho bolela hore Modimo o a o lwanela, mme o tla o hlolela dira tsa hao
- Ho ka bolela hore badimo ba o tshireleditse, ba o hlolela, mme ho na le ditlamatlama tseo o lokelang ho di sebedisa tse tla o sebeletsa
- E ka ba letshwao le lebe le hore o a hlolwa, ho ka bolela hore sera sa hao se matla haholo, mme boloi boo a bo sebedisang ha bo mamellehe