Meelelo ya ditoro ka dipina ho itshetlehile mefuteng ya dipina, le maemo ao di binwang ho ona.
Dipina tsa Thabo le Ditlhohonolofatso
Ha o lora mmino kapa dipina tse kang tsa Hip Hop le Afro Soul, le mmino o mong o thabisang batho, ho ka bolela hore dintho tse ntle le ditlhohonolofatso, tse tla o thabisang di tseleng. Ka nako tse ding ha o lora batho ba o binela difela ho ka bolela hore o lokela ho ho roisa Modimo, o mo lebohe ha a o thusitse, a bile a o pholositse.
Dipina tsa sedumedi le Melaetsa ya Semoya
Ha o lora o binelwa kapa o bina difela kerekeng hara phutheho, ho etsa mohlala, dipesalema kapa difela, ho ka bolela hore ho na le ya o tshwaretseng molaetsa, mme o lokela ho ya rorisa, o kene kereke moo. Ho lora difela/dipina tsa sedumedi ho ka bolela hore ha o sa lokela ho kgathatseha ka mathata a hao, o lokela ho rapela, mme Modimo o tla o hlolela ona.
Ka nako tse ding ho bina difela ho ka bolela hore o thabile, mme nako ya ho thaba e fihlile bophelong ba hao. Ha o lora batho ba bina ho ka bolela ba tshwarahaneng mmoho ho ho phethahatsa merero ya bona, mme ha ba bina difela ho bolela ba etsa dintho tse ntle le merero ya bona e metle.