Ho lora fensetere ho ka bolela hore o rarolla bothata haufinyana. Ho lora fensetere e maemong a matle, ho ka bolela hore o bohlale, mme o tla kgona ho rarolla mathata a hao. Ho ka boela ha bolela hore ho na le meya e o tsomang.
Difensetere tse tjhwatlehileng kapa tse ditshila
Ha fentsere e tjhwatlehile ho ka bolela mathata bakeng sa hao. Hlokomela, o hlokomele ba seka qheketsa. Ha fensetere e le ditshila ho ka bolela hore o hloka ho hlatsuwa moyeng.
Difenstere tse butsweng
Ha o lora o bula fenstere e butsweng, ho na le motho ya o shebileng, ho ka bolela hore motho eo o leka ho iteta sebete sa ho o atamela ka lerato le tlholohelo. Ho ka bolela le hore o lokela hore o itlhokomele metsamao yohle ya hao hobane ha o kgone ho pata tseo e leng tsa hao. Ho lora difensetere di bulehile ho ka boela ha bolela hore o lokela ho lebella mathata le diphephetso ka lebaka la ho se nkele dintho hloohonh hwa hao.
Ho bula le kwala difenstere
Ha o lora o kwala fensetere ho ka bolela hore o tshireleditswe meyeng e mebe ya lefatshe. Ha o lora o kwala fensetere, ho ka bolela boiketlo ka mora ho fumana menyetla e metjha.
Ha o lora o kena ka fensetere, ho ka bolela hore o tlotla ka monahano o motjha wa ho qoba mathata a o kgthatsang. Ho lora o tswa ka fensetere ho ka bolela hore o tla phonyoha leraba leo o le tjhehetsweng ke dira tsa hao.