Ha o lora heno ho tjhwatluwe empa ho sa nkwa letho ho ka bolela hore matla a hao a feta a dira tsa hao. Empa ha o ka bona ditsotsi tseo le dintho tseo ba di utswang, hoo ho ka bonahal o fokola, barho ba iketsetsa boithatelo ka wena. O lokela ho ikatela o shebe hore o ka tshireletsa lehae la heno jwang.
Ho utsuwa ha koloi
Ha o lora ba utswa koloi ya hao ke letshwao le lebe. O ka bona o hloka sefahleho kapa merero ya hao e nyopa, kapa ho na le motho ya o utswetsang lehlohonolo. Ha o lora ba utswa koloi ya hao ho ka bolela bobodu bo tlang, kapa o fumane hore o tshohile hore o seka lahlehelwa ke thepa ya hao ka lebaka la batho ba bang. Hape o ka fumana motho ya kgohlahetseng a etsa hore o lahlehelwe ke seriti, maemo a hao mosebetsing kapa o nkelwe molekane wa hao.
Ho khothotswa / Ho tshwarwa
Ho lora o tshwarwa poho, o khothotswa ke ntho e mpe. O ka tobana le mathata a tjhelete, kapa o lahlehelwe ke motho eo o mo ratang bophelong ba hao. Ho ka bolela le hore ho na le motho ya o nkelang dintho tsa hao ka mahahapa ka mokgwa wa boloi. Ho ka bontsha o hloka matla a ho ikmela bophelong hobane batho bao o ba tshepileng ba o phoqa.
Tlhaselo ya batho ba nang le dibetsa
Ha o lora o hlaselwa, o nkelwa dintho o supilwe ka senthuya, mme o tshwere tjhelete, diaparo kapa founu, ho ka bolela hore o tlo lahlehelwa ke ntho e bohlokwa bophelong ba hao, ekaba mosebetsi kapa e mong wa lelapa.
Wena o le senokwane