Ha o lora batho ba seng ba hlokahetse / bafu, ho atisa ho bolela dintho tse mpe bakeng sa hao. Ha ba kgutlela hape bophelong, ho bolela hore ho na le mathata a o tlelang. Ha ba amana le wena, ba o hlokomedisa hore o tlohele dintho tse mpe, pele o qetella o le mathateng.
Ha o lora ba leloko ho ka bolela hore ba batla ho fetisetsa molaetsa ho ba phelang. Ka nako tse ding motho ya hlokahetseng a re o lapile, hoo ho bolelang hore o lokela ho etsa mosebetsi. O hlabe ho hong ho kang podi, dikgoho, kapa kgomo, hore badimo ba je.