Ditoro ka ho otla molekane
Ho o lora o otla monna kapa mosadi wa hao, kgarebe kapa mohlankana, ho ka bolela bomadimabe.
Ho o lora o otla monna kapa mosadi wa hao, kgarebe kapa mohlankana, ho ka bolela bomadimabe.
Ha o lora ba o etseditse moketjana, ho ka bolela ho atleha mererong eo o ntseng o e etsa.
Ha o lora o le moketjaneng kapa pikiniking le batho ba bang ka ntle, ho ka bolela hore o tlaba le metswalle e metjha haufinyana, empa ho bohlokwa hore o eme pele o ka ba qoqela diphiri tsa hao o bone ba a tshepahala na.
Ebang o lora o kenela bosole, ho ka bolela hore lekala la hao la mosebetsi le tla fetoha haufinyana.
Ebang o lora le sa dumellane le motho e mong, ho ka bolela hore o tlo fumana ditaba tse monate tseo o sa di lebellang haufinyana. O ka ba le metswalle e metjha.
Ha o ka lora o betsa motho e mong ka feise kapa setebele, ho ka ba le mathata bakeng sa hao haufinyana. Ha o lora e le motho e mong a o betsang ka feise, o ka ba ntweng haufinyana, empa ho be le kgotso ka mora moo.
Ebang o lora o lwana ntweng, ho ka bolela hore o tlaba le kgohlano le emong wa batho ba bophelong ba hao – haholoholo lapeng.
Ha o lora o le lesowa le lenyane, ho ka bolela hore o tlo kopana le e mong wa leloko kapa motswalle wa kgalle haufinyana. Ha o le lesowa o tsofetse ho ka bolela hore o ke ke wa hlola o nyala, kapa lenyalo la hao le tlaba mathateng.
H o lora o le monyaduwa, monyadi le moetsana, ho ka bolela bomadimabe, le hore o tla tobana le dillo le ditsikitlano tsa meno haufinyana. O ka lwantsha moratuwa wa hao, kapa dikamano tsa lona tsa seka qhoba, tsa fella fela.
Meelelo ya ditoro ka dipina ho itshetlehile mefuteng ya dipina, le maemo ao di binwang ho ona. Dipina tsa Thabo le Ditlhohonolofatso Ha o lora mmino kapa dipina tse kang tsa Hip Hop le Afro Soul, le mmino o mong o thabisang batho, ho ka bolela hore dintho tse ntle le ditlhohonolofatso, tse tla o …