Ditoro ka dikobo

Ha o lora dikobo ke bomadimabe, haholo ha e le Hlabula, mme o ka tobana le mathata.

Ditoro ka materase

Ha o lora materase, ho ka bolela hore ntho eo o neng o e batla ho ka etsahala hore e etsahale nnete.

Ditoro ka mosamo

Ha o lora mosamo, ho ka bolela lehlohonolo ha o le motle, o hlwekile, o bolele bomadimabe ha o le ditshila.

Ditoro ka bethe

H ao lora bethe, ho ka fanapa meelelo ya hore o etsang. Ha o itorela fela o le betheng o le mong, mathata a hao a ka iphella. Ha o alola bethe, o ka fumana o kene leetong haufinyana. Ha o robetse betheng o le lesowa, o ka fumana o nyetse / nyetswe haufinyana.

Ditoro ka setulo

Ha o lora setulo, ho ka bolela hore ho na le ntho e ntle e tla o etsahalla. O ka fumana ditaba tse monate kapa wa atleha mosebetsing.

Ditoro ka ketlele

Ha o lora ketlele, ekaba botle ha e hlwekile, e sebetsa hantle. Empa ha e le ditshila kapa e bela, ho ka ba le mathata a tlang bophelong ba hao.

Ditoro ka lebone / lampi

Ha o lora lebone / lampi, o ka ba lehlohonolo ha le kgatshitse. O ka atleha leratong le mosebetsing. Empa ha lebone leo le sa sebetse, ho ka ba le ho kula, le bomadimabe bo tlang. Ha e le wena ya kgantshang o ka fumana mohlolo haufinyana.

Ditoro ka seipone

Ha o lora seipone, ho ka bontsha batho bao o ba tshepang ba o phoqa, mme o tlameha ho sebetsa ka thata hore o atlehe mosebetsing.