Ditoro ka dinawa
Ha o lora dinawa, ho ka bolela hore o fumana pherekanyo e leng yona eo bakelang mathata. Ka letsohong le leng, ho ka bolela borui le mahlohonolo ebang di le ngata.
Ha o lora dinawa, ho ka bolela hore o fumana pherekanyo e leng yona eo bakelang mathata. Ka letsohong le leng, ho ka bolela borui le mahlohonolo ebang di le ngata.
Ha o lora ditapole, di le ngata, ho ka bolela hore o tla atleha. Ebang o lora ditapole di le mmalwa, ho ka bolela hore o tlaba le mathata ha nako e ntse e ya.
Ha o lora lephutsi, ho ka bolela hore otla ke lefu le lebe haholo haufinyana.
Hao lora dieiye, ke ditlhohonolofatso tse kopaneng. Ho ka bolela hore o tlaba le molekane ya tshepahalang, empa o ka fumana o lwana le yena haholo.
Ha o lora dierekisi tse foreshe, ho ka bolela hore o tla fumana lehlohonolo. Empa ha o lora dierekisi tse ommeng, ho ka bolela hore ditaba tsa hao tsa ditjhelete di bothateng.
Ha o lora mekopu, ho ka bolela bobe bokamosong ba hao. O ka sokola ke tshotleho kapa ho kula haufinyana.
Ebang o lora ditamati, ho ka bolela hore o lokela ho sebetsa ka thata bophelong empa o tla putswa bakeng sa tshebetso ya hao.
Ha o lora dihwete, ho ka bolela hore o tla atleha o be morui.
Ha o lora seqo kapa poone, ho ka bolela hore o tlo atleha, o ruwe, o thabe bophelong. Empa ha di haella di sa lekane batho, ho ka bolela hore o tla tobana le mathata.
Haeba o lora ditlamatlama, ho ka bolela letshwao le letle ebang o di ja. Ekaba dikgohlano le maima ha o di kga.