Ditoro ka kwae le tobako

Ditoro tse kenyang dihlahiswa tsa tobako di na le meelelo e fapaneng ho ya ka hore ke eng le hore e senediswa jwang. Disakarete / Kwae Ha o lora o tsuba sakarete ke letshwao le lebe le bontshang kotsi e ka etsahalang neng kapa neng ka lebaka la ho hloka tlhokomelo hwa hao. Ho lora …

Bala haholwanyane

Ditoro ka lefifi

Ha o lora lefifi ho ka bolela maima le ho futsaneha ntle le ha o ka kgona ho tsamaya ho lona ho fihlela o kena kganyeng. Ho ka bolela katleho le tswelopele.

Ditoro ka kganya

Ha o lora o bona kganya, ho ka bolela ditaba tse monate. O tla thaba haholo, o hlokomelwe ke molekane, o be lehlohonolo. Empa ha kganya e ka tima, o sa tsebe lebaka ho ka bolela mathata mosebetsing wa hao.

Ditoro ka mosi

Ha o lora mosi, ho ka bolela tlhomano bophelong ba hao. Ha mosi o le mongata, ke tlhanamo e sa feleng.

Ditoro ka mollo

Ho lora mollo kapa lelakabe, ho dumelwa e le ntho e mpe bakeng sa bokamoso ba hao. Ho ka bolela kotsi le bohlabaphio bo tlang. O ka lahlehelwa ke dintho, wa tobana le bokulo le lefu. Ha o lora o besa mollo o moholo ho bolela o tlaba le ntwa e kgolo le motho eo …

Bala haholwanyane