Ditoro ka dibuka

Ha o lora dibuka ho ka bolela hore o tla hlokafala haufinyana ka lebaka la metswalle e sa tshepahaleng.

Ditoro ka mekotla le dimanki

Ha o lora mokotla, kapa manki ke bomadimabe, haholoholo ha di sa tshela letho. Ho ka bolela hore o seka tshepa basebetsimmoho le wena kapa o tla ba le mathata mosebetsing.

Ditoro ka sekgele

Ha o lora sekgele e ka ba bomadimabe, haholoholo ha e se sa hao. Ho ka bolela hore o tla sotleha le ho utlwa boima bophelong ba hao. Ha o lahlile sekgele ho ka bolela hore o tlo lahlehelwa ke ntho ya bohlokwa haufinyana.