Ditoro ka tlilithara
Ha o lora tlilithara, e ka ba letshwao le letle bakeng sa bokamoso ba hao, haholoholo dikamanong tsa lerato.
Ha o lora tlilithara, e ka ba letshwao le letle bakeng sa bokamoso ba hao, haholoholo dikamanong tsa lerato.
Ha o lora sekgomaretsi, ho bolela hore o tla kopana le metswalle e metjha haufinyana, empa e ke ke ya qhoba le wena nako e telele.
Ha o lora pentshele, ho bolela hore o lokela ho ba sedi ka dintho tseo batho ba o fang tsona.
Ha o lora dikere, ho ka bolela hore batho o ba tshepang ha ba tshepahale.
Ha o lora diketane le diropo, dintho tse o tshwenyang di ka fela. H o ka etsahala o atlehe empa o lokela ho sebetsa ka thata hore dintho tseo di etsahale. Ha hona le mafito ketaneng kapa ropong, e ka ba lehlohonolo ha o ka kgona ho a qhaqholla, e be bomadimabe ha o sa …
Ha o lora amfolopo, ho bolela hore o tla kopana le batho ba batjha haufinyana.
Ha o lora tshepe, e atisa ho ba kotsi e tlang ho wena, ntle le ha o ka e kgaola. Hona ho bolela o ka kgona ho hlola mathata a hao.
Ha o lora o lema ka mohoma, moelelo o tla itshetleha tabeng ya hore o tla atleha kapa tjhe. Ha o lema ha bonolo, o tlaba lehlohonolo dikamanong, empa ha o ka sokola, o tlaba le bomadimabe le mathata mosebetsing.
Ha o lora o sebedisa sakga, ho ka bolela hore maima a tseleng empa o ka a hlola ha o sebetsa ka thata.
Ha o lora teotsa, ho bolela hore o atleha haholo bophelong ba hao.