Ditoro ka bofeela / Ho tsola

Ha o lora o lahlehetswe ke diaparo, mme o tsotse, ho ka boela hore o tla thulana le bomadimabe haufinyana. O ka iphumana o le mathateng mosebetsing, lelapeng, kapa dikamanong.

Ditoro ka dikonopo

Ha o lora dikonopo, ho ka bolela mahlohonolo le bophelo bo bo lelele ha o le mosadi, e be madimabe ha o le monna.

Ditoro ka jase

Ha o lora jase, ho ka bolela hore ho na le ntho tse mpe tse o tlelang bophelong, o be hlwahlwa, o hlokomele.

Ditoro ka mose

Ha o lora mose, e atisa ho ba bomadimabe, haholoholo ha o le ditshila. Haeba o le motsho kapa kgauta, ho ka bolela hore o tla putswa ka lebaka la mosebetsi wa hao o matla oo o o sebeletsang ka thata.

Ditoro ka katiba

Ha o lora katiba, ho ka bolela lehlohonolo ha katiba eo e le ntjha ebile e le ya feshene. Ke bomadimabe ha e le ya kgale, e thuntse. Ha motho a ka utswa katiba ya hao o tlo lahlehelwa ke ho hong.

Ditoro ka dieta

Dieta tse ntjha Ha o lora o rwetse dieta tse ntjha, mohlomong o le ka lebenkeleng la dieta kapa o di rwala o le lapeng, ho bolela hore o tla fumana tlhompho le tlotla ho tswa bathong ba bang, le tswelopele bophelong ba hao e tla bonahala. Dieta tse tabohileng Dieta tse tabohileng, tse marantha, …

Bala haholwanyane